Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 14:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 o tla foka hasupa hodima motho ya itlhatswang lepera la hae, mme o tla re, o hlatswehile, a ntoo lesa serobele se sa utlwang se fofele nahathothe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Moprista o tla foka motho eo ya hlwekiswang hasupa. O tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. O tla tlohela nonyana e phelang hore e fofele naheng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 14:7
29 Referencias Cruzadas  

Elisha a mo romela lenqosa, a re: Eya o itlhatswe hasupa Jordane, mme nama ya hao e tla boela ho wena e ntjhafetse, o hlweke.


Yaba o theoha, a itebisa hasupa hara Jordane, ka polelo ya monna wa Modimo; mme nama ya hae ya boela ya eba jwaloka nama ya ngwana e monyenyane, a hla a hlweka.


Ntlhatswe, o be o ntlhatswisise bokgopo ba ka, o mphekole sebe sa ka!


O foke hodima ka ka hisopa, ke tle ke phekolehe! O ntlhatswe, ke tle ke fetisa lehlwa ka bosweu!


ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


mme moprista ha a tadima, a bona hoba lepera le apesitse mmele wa hae kaofela, o tla bolela hore mobabi o hlwekile; ha a se a fetohile a be mosweu kahohle, o hlwekile.


moprista o tla mo tadimisisa, mme ha nama eo e boetse e sweufetse, moprista o tla bolela hore mobabi o hlwekile; o fela a hlwekile.


o tla nka lehong la kedare, le hisopa, le krimsone, le serobele se utlwang, mme o tla di qopetsa hammoho mading a serobele se hlabilweng, le metsing a molatswana, mme o tla foka ntlo eo hasupa ka wona.


A nke madi a mang a pohwana ka monwana wa hae, a foke hodima sekwahelo ka wona, ka nqa botjhabela; o tla foka ka madi hasupa ka monwana wa hae pela sekwahelo.


o tla foka aletare ka madi ao hasupa ka monwana wa hae, a e hlwekise, a e halaletse ka baka la tse sa hlwekang tsa bana ba Iseraele.


phooko e tle e ise naheng e se nang batho dibe tsohle tsa bona, tseo e di jereng; mme e tla tebellwa feelleng.


moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading ao, mme o tla foka hasupa pela Jehova, malebana le lesira;


Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading ao, mme a foke ka wona hasupa pela Jehova, pela lesira la sehalalelo.


a foka hasupa ka yona aletareng, mme a tlotsa aletare le dintho tsa yona, le morifi, le sedulwana sa wona, ho di kgetha.


O tla boela o re rekolohele; o tla hatakela makgopo a rona, o akgele dibe tsa rona kaofela bodibeng ba lewatle.


O tla itlhatswa ka metsi ao ka tsatsi la boraro le ka tsatsi la bosupa, mme o tla hlweka; empa ha a sa itlhatswe ka tsatsi la boraro le la bosupa, a ke ke a hlweka.


Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, yaba madi le metsi a phakisa a tswa ho lona.


a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.


Hobane ha esita madi a diphoho le a diphooko, le melora ya sethole eo ho fokwang ba ditshila ka yona, di ba hlatswa ka nqeng ya nama,


Hobane Moshe, enere mohla a boleletseng setjhaba kaofela ditaelo tsohle tsa molao, a nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo takilweng ka purepera, le hisopa, mme a foka buka le setjhaba sohle ka tsona,


A ntoo foka le yona tabernakele le dipitsa tsohle tsa tshebeletso ka madi.


Hobane hoja taba di dutse jwalo, ekabeba o hlabilwe hangata, haesale lefatshe le thewa; empa jwale, hobane nako di phethehe, o hlahile hang ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo.


ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.


Jesu Kreste ke yena ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa e le ka metsi le ka madi. Mme Moya ke wona paki; hobane Moya ke nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos