Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 14:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jwale o tla nka serobele se utlwang, le lehong la kedare, le krimsone, le hisopa, mme o tla di qopetsa hammoho le serobele se utlwang mading a serobele se hlabetsweng hodima metsi a molatswana;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Moprista o tla nka nonyana e phelang, le thupa ya kedare, le kgwele e kgubedu, le lehlaku la hisopa, a di ine kaofela ka mading a nonyana e ileng ya bolawa.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 14:6
13 Referencias Cruzadas  

O foke hodima ka ka hisopa, ke tle ke phekolehe! O ntlhatswe, ke tle ke fetisa lehlwa ka bosweu!


moprista o tla laela hore ya tshwanetseng ho itlhatswa, a tlisetswe dirobele di le pedi di sa utlwa, tse hlwekileng, le lehong la kedare, le krimsone, le hisopa.


Moprista o tla laela hore serobele se le seng se hlabelwe pitseng ya letsopa, e tshetseng metsi a molatswana.


Se seng sa dirobele o tla se hlabela pitseng ya letsopa e tshetseng metsi a molatswana;


Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela.


e leng yena ya teletsweng lefu ka baka la dibe tsa rona, mme o tsositswe ho re bea ba lokileng.


Hobane esitile re sa ntse re le dira, re bile ra boelanngwa le Modimo ka ho shwa ha Mora wa wona, haholo jwale, ha re se re boelantswe, re tla bolokeha hakakang ka ho phela ha hae!


Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos