Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Joshua le Baiseraele bohle ba etsa jwaloka hoja eka ba hlotswe ke bona, ba baleha ka tsela e yang lefeelleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Jwale Joshua le Baiseraele bohle ba etsa jwalokaha eka ba etsa sealo, ba baleha ka tsela a yang lehwatateng.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:15
6 Referencias Cruzadas  

Lefeelleng ke Beth-Araba, Middine, Sekaka,


Naha e laoletsweng bana ba Josefa, moedi wa yona o ne o tloha Jordane mabapa le Jeriko, ho isa metsing a Jeriko nqa botjhabela le lefeelleng le nyolosetsang thabeng ya Bethele ho tswa Jeriko;


Nqa leboya, moedi wa bona o tloha Jordane; moedi o boela o leba mabapa le Jeriko nqa leboya, o nyolosetsa thabeng, nqa bophirimela, mme o ya fella feelleng la Beth-Avene.


Morena wa Ai ha a bona hoo, banna ba motse ba akofa ba tsohela, ba tswela lehwatateng ho kgahlanyetsa Baiseraele, moo ho kgethilweng, e le yena le batho bohle ba hae; empa o ne a sa tsebe hobane o beetswe mekgahlelo kamora motse.


Bana ba Benjamine ba ne ba bone eka bana ba Iseraele ba hlotswe; hobane ba ne ba suthile pela Babenjamine, athe ba ne ba tshepile ba laletseng ba beilweng ho patela Gibea.


Ba baleha pela Iseraele ka tsela e yang feelleng; empa ntwa ya ba pateletsa, mme ba metse ya teng ba bolawa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos