Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Morena wa Ai ha a bona hoo, banna ba motse ba akofa ba tsohela, ba tswela lehwatateng ho kgahlanyetsa Baiseraele, moo ho kgethilweng, e le yena le batho bohle ba hae; empa o ne a sa tsebe hobane o beetswe mekgahlelo kamora motse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ha kgosi ya Ai e bona mabotho ana, banna ba motse ba potlakela ho tsoha ka madungwadungwana, ba tswa motseng, ba futuhela Baiseraele: E le kgosi le banna bohle ba yona, mme ba ya thulana le Baiseraele motheong o lebang Araba. Empa kgosi e ne e sa tsebe hore mabotho a laletse kamorao ho motse.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:14
15 Referencias Cruzadas  

Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.


Ruri, baholo ba Tsowane ke mahlanya feela; kelello ya baeletsi ba Faro e fetohile bowatla. Le ka bolela jwang ho Faro, la re: Ke nna mora wa ba bohlale, mora marena a kgale?


Baholo ba Tsowane ba fetohile mahlanya, baholo ba Nofe ba thetsitswe, Egepeta e kgelositswe ke dihlooho tsa meloko ya yona.


Polelo ha e sa le molomong wa morena, lentswe la theoha lehodimong, la re: Morena Nebukadnesare, o tsebiswa hore borena bo ya tloswa ho wena;


ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla morwallo, mme ba nkwa bohle ke wona: ho tla ba jwalo le ho tleng ha Mora motho.


morena wa mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo a sa mo lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng.


Ke wona mantswe ao Moshe a kileng a a bolella Baiseraele kaofela, mose o kwana ho Jordane, feelleng, thoteng e lebaneng le Sufe, mahareng a Parane le Tofele, le Labane, le Hatserothe, le Di-Sahabe.


Ba emisa phafa tsohle jwalo ka nqa leboya ho motse, ba mekgahlelo bona ba le ka nqa bophirimela ho motse; Joshua yena a ya kgohlong bosiu.


Joshua le Baiseraele bohle ba etsa jwaloka hoja eka ba hlotswe ke bona, ba baleha ka tsela e yang lefeelleng.


Setjhaba sohle se motseng sa memuwa ho ba phallela; ba phallela Joshua, mme ba hulelwa hole le motse;


Haele nna, le batho bohle bao ke nang le bona, re tla atamela pela motse; etlare ha ba etswa ho kopana le rona jwaloka pele, re tla baleha pela bona.


Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.


Ba laletseng ba ne ba phakisitse, ba neheletse Gibea. Ba laletseng ba tswela pele, ba bolaya bohle ba motse ka bohale ba lerumo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos