Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 6:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Haele silefera kaofela, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, di tla kgethelwa Jehova, di kenngwe polokelong ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Empa ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, ke tsa Morena. Tsona di tla kena letloleng la Morena.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 6:19
25 Referencias Cruzadas  

Le tsona morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a di kgethileng tsa ditjhaba tsohle tseo a di hlotseng;


A nka maruo a ntlo ya Jehova le maruo a ntlo ya morena, a hapa tsohle, a ya le dithebe tsohle tsa kgauta tse entsweng ke Salomone.


Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo morena Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa le mesebetsi e kgethetsweng Modimo ke ntatae Davida, e le silefera le kgauta le dipitsa, a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Jehova.


A ya le matlotlo wohle a ntlo ya Jehova, le matlotlo a ntlo ya morena, a pshatla mesebetsi yohle ya kgauta, e neng e entswe ke Salomone, morena wa Iseraele, tempeleng ya Jehova, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a neng a di hapile ditjhabeng tsohle, e leng ho Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Amaleke.


Ho Balevi, Akija a bewa molebedi wa matlotlo a ntlo ya Modimo le wa matlotlo a ntho tse halalelang.


Shelomithe eo le banababo ba bewa balebedi ba matlotlo wohle a dintho tse halalelang tseo morena Davida, le dihlooho tsa matlo, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le balaodi ba bang ba makgotla, ba neng ba di kgethetse Jehova;


ba ne ba di nkile dintweng le kgapong, ba di kgethela kotlo ya ntlo ya Jehova;


hammoho le tsohle tse neng di kgethetswe Jehova ke Samuele seboni, le Saule, mora Kishe, le Abnere, mora Nere, le Joabe, mora Tseruja, le mang le mang, tsohle tseo tse neng di kgethetswe Jehova, tsa bewa bolebeding ba Shelomithe le banababo.


A mo nea le setshwantsho sa ntho tsohle tseo a di hopotseng moyeng wa hae bakeng sa mabala a ntlo ya Jehova, le sa dikamore tse sikang le dipolokelo tsa matlotlo a ntlo ya Modimo le tsa matlotlo a sehalalelo,


A tlisa ka tlung ya Modimo dintho tseo ntatae a neng a di kgethetse Jehova, le tseo a neng a di kgethile e le yena, e le silefera, le kgauta, le dipitsa.


ha tliswa teng ka mokgwa o sa belaetseng kabelo e ntshitsweng, le karolo ya leshome, le dintho tse kgethehileng. Konania, Molevi a bewa modisa wa tsona, wa bobedi e le Shimei ngwanabo;


Moprista, mora Aarone, o tla ba le Balevi, mohla Balevi ba nkang karolo ya leshome, mme Balevi ba tla tlisa karolo ya leshome ya karolo ya leshome tlung ya Modimo wa rona, dikamoreng tsa ntlo ya bobolokelo.


Yaba Ebede-Meleke o inkela batho bao, a ya ka tlung ya morena, katlasa kamore ya polokelo, a inkela ditsiba le dikatana tse onetseng, mme a di theolela ho Jeremia, ka lemeneng, ka marapo.


Ka selemo sa bone, ditholwana kaofela tsa tsona di tla kgethelwa Jehova ka thabo.


Tsoha, o pole, moradi wa Sione, hobane lenaka la hao ke tla le fetola tshepe, ditlhako tsa hao e be koporo, o tle o thuhake di tjhaba tse ngata; ke tla kgethela Jehova leruo la tsona, monono wa tsona ke o kgethele Morena wa lefatshe lohle.


Ba nka thepa kaofela le kgapo yohle, e leng batho le makgomo;


mme ba tshwerweng, le kgapo yohle, le thepa, ba di tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le phutheho ya bana ba Iseraele diahelong, lehwatateng la Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko.


Kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le boleke, le loto,


Baprista ba baholo ba nka ditjhelete, ba re: Ha ho a tshwanela hore di kenngwe polokelong ya tempele, hobane ke theko ya madi.


Jesu o ne a dutse malebana le polokelo ya letlotlo, a tadimile kamoo batho ba nokelang ditjhelete kateng, polokelong ya letlotlo. Barui ba bangata ba ne ba nokela tse ngata.


Baiseraele ba entse sebe; ba tlotse selekane sa ka seo ke ba laetseng sona; ba nkile tsa tse entsweng anathema; ba utswitse, hape ba patile, hapehape ba kentse dintho tseo diphahlong tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos