Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 6:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Haele lona, le fele le tshabe dintho tse entsweng anathema, esere mohlomong la nka ntho tse entsweng anathema, la etsa diahelo tsa Iseraele anathema, mme la di senya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Feela lona le itlhokomele, le kgese tse rohakehileng, esere ka ho nka dintho tseo tse rohakehileng la itlisetsa thohako, la tlisetsa le diahelo tsa Baiseraele thohako le tsietsi.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 6:18
20 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.


Bohlale bo molemo ho ena le dihlomo, empa moetsadibe a le mong o senya monono o mongata.


A re ho bona: Nkukeng, le ntahlele lewatleng, mme lewatle le tla le kgutsetsa; hobane ke a tseba hore ke ka baka la ka sefefo sena se seholo se le hlahetseng.


Lerato a le ke le hloke boikaketso. Hloyang ho hobe, le kgomarele ho molemo.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


mme le se ke la ba le kabelo mesebetsing e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse:


Ho ke ke ha eba letho la tse neetsweng anathema le kgomarelang matsoho a hao, hore Jehova a kgutle pefong ya bohale ba hae, mme a o hauhele, a o rekolohele, mme a o atise jwalokaha a anetse bontatao,


Ekare ha e mong wa heno a sa hlweka ka baka la taba e mo hlahetseng bosiu, a tswele kantle ho diahelo, mme a se ke a kena diahelong.


O se ke wa kenya ntho e manyala tlung ya hao, esere mohlomong wa neelwa anathema jwaloka ntho eo; e tshabe haholo, mme o e ile haholo, hobane ke anathema.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke ha motho a lekola dikgutsana le basadi ba bahlolohadi mahlomoleng a bona, mme a ipoloka lefatsheng a se na le lethebanyana.


Bana ba Iseraele ba tlola molao wa ntho tse entsweng anathema. Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a nka tsa tse entsweng anathema; mme Jehova a halefela bana ba Iseraele ke hona.


Ema, o hlwekise setjhaba, o re: Le itlhwekisetse hosasane, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Anathema e teng ho wena, Iseraele; o ke ke wa ema pela dira tsa hao, anathema e eso ho tloswe hara lona.


Ya tshwarwang a ena le ntho e entsweng anathema, o tla tjheswa, yena le tsohle tsa hae, kahobane a tlotse selekane sa Jehova, mme a entse manyala Iseraeleng.


Joshua a re: O re ferekanyeditseng? Jehova o tla o ferekanya le wena kajeno. Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, ba ba tjhesa, ba ba ba ba tlepetsa ka majwe.


Bana, itshabiseng medimo ya bohata. Amen!


Empa Saule le setjhaba ba pholosa Agage, le dinku tse ntle, le dikgomo tse ntle tse nonneng, le dikonyana, le tsohle tse ntle, ba sa rate ho di neela anathema; haele dintho tsohle tse nyatsehang, tse nyenyane, ba di neela anathema.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos