Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;
Hobane ke a o laela kajeno hore o rate Jehova, Modimo wa hao, le ho tsamaya tseleng tsa hae, le ho boloka ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, o tle o phele, o ngatafale, mme Jehova, Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse naheng eo o yang ho e rua.
o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, o utlwe lentswe la hae, mme o mo kgomarele; hobane ke yena bophelo ba hao, le bolelele ba matsatsi a hao, o tle o ahe lefatsheng leo Jehova a anetseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, hore o tla ba nea lona.
Feela, iponele, mme o lebele moya wa hao haholo, o tle o se ke wa lebala ditaba tseo mahlo a hao a di boneng, mme di se ke tsa tswa pelong ya hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, o di phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.
Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.
Feela, le hlokomele haholo ho ya ka taelo le ka molao oo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le laetseng wona, wa ho rata Jehova, Modimo wa lona, le ho tsamaya ka ditsela tsohle tsa hae, le ho boloka ditaelo tsa hae, le ho mo kgomarela, le ho mo sebeletsa ka pelo yohle le ka moya wohle.