Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hlabang mokgosi hara ditjhaba, ka ho re: Itlhatswetseng ntwa le tsose dinatla! A ho atamele, a ho tle banna bohle ba ntwa!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Phatlalletsang ditjhaba hona, le re: ‘Hlomellang ntwa! Bitsang bahale! Bahlabani bohle ba ke ba atamele, ba atamele, ba tlo futuha!

Ver Capítulo Copiar




Joele 3:9
16 Referencias Cruzadas  

Ereng hara ditjhaba: Jehova o a busa! lefatshe le tiya ke hona, ha le sisinyehe; o ahlola ditjhaba ka ho loka.


Atamelang, lona ditjhaba, le tle le utlwe; lona batho, le mamele! Lefatshe, a le ke le mamele, le tse ho lona kaofela, lefatse le tse tswang ho lona kaofela!


Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.


Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.


Leotsang metsu, le tshware dithebe. Jehova o tsositse moya wa marena a Bamede; hobane morero wa hae o reretswe Babilona ho mo senya, hobane tefetso ya Jehova ke eo, tefetso ya tempele ya hae.


Emisang folaga lefatsheng, le letse terompeta ditjhabeng, le mo tsosetse ditjhaba, le mo memele mebuso ya Ararate, ya Minni, le ya Ashkenase, le bee balaodi ba makgotla ho mo lwantsha; atametsang dipere, di ke di nyolohe jwaloka ditsie tse mohlahla.


Le mo futuheleng! Tlohang hle, re nyoloheng motshehare! Ho madimabe rona, hobane letsatsi le a dikela, mme meriti ya mantsiboya e setse e theile.


Morena Jehova o re: Na hase wena eo nkileng ka bolela tsa hao, mehleng ya boholoholo, ka bahlanka ba ka, baporofeta ba Iseraele, ba porofetileng mehleng eo ka dilemo tse ngata, ba itse, ke tla o tlisa hore o ba lwantshe?


Itokise, o be o itokise, wena le matshwele a hao wohle a bokaneng ho wena, o be modisa wa bona.


Ho itswe ke Jehova bakeng sa baporofeta ba thetsang setjhaba sa ka, bao ereng ha ba hlafuna ka meno a bona, ba bolele kgotso, empa ha motho a sa ba futise letho, ba mo tsosetse ntwa ...


Ke tla sisinya le ditjhaba tsohle, mme tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka kganya, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hobane ke tla bokella ditjhaba tsohle ho lwantsha Jerusalema; motse o tla hapjwa, matlo a phahlwe, le basadi ba betwe; karolo e nngwe ya batho ba motse e tla iswa kgolehong, empa ba setseng ba setjhaba ba ke ke ba tloswa motseng.


Mme Jehova o tla hlaha, a lwantshe ditjhaba tseo, jwaloka mohla a lwanang tsatsing la polao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos