Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 9:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le hoja a ka rata ho tseka le wona, a ke ke a ikarabella tabeng e le nngwe ho tse sekete.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Haeba motho a ka phea kgang le Modimo, Modimo a ka mmotsa potso di le sekete, motho a pallwa ke ho araba leha e le nngwe.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 9:3
18 Referencias Cruzadas  

Ke tla re ho Modimo: O se ke wa ntswa, o mpe o mpolelle seo o se tsekang ho nna!


O kae ya ratang ho tsekisana le nna? Ha ho se jwalo nka kgutsa, ka shwa.


O o tsekisa keng ka ho re, ha o ikarabele diketsong tsohle tsa wona?


Hobane ha o batle nako e telele ho tseba motho ya tshwanetseng ho hlaha kahlolong pela wona.


Na modumadumi o sa tseka le Ya matla wohle na? Ya pheileng kgang le Modimo a ke a arabe jwale!


Ke buile hang, nke ke ka hlola ke araba letho; ke phetile la bobedi, ha ke sa tla hlola ke eketsa letho.


nna ke mang hore ke o fetole? Ke kgethe jwang ditaba tse nepehileng tsa ho o arabela?


Leha ekaba taba ya ka e lokile, molomo wa ka o tshwanela ho ntswa; ha ekaba ha ke na molato, o tla mpona ke le molotsana.


Ke mang ya ka lemohang diphoso tsa hae kaofela? O ntshwarele tse nkgakileng!


Hobane ke teetswe hare ke dimpe tse sa balweng; ditlolo tsa ka di ntshwere, ke tshaba ho di bona; di ngata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka, ke fellwa ke pelo.


Empa wena motho, o mang ha o tsekisa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: O ne o nketsetsang jwalo na?


Ha re re, ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona.


Hobane leha dipelo tsa rona di re qosa, Modimo o moholo ho dipelo tsa rona, mme o tseba tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos