Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 7:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Tshiu tsa ka di pomilwe kapele ho fetisa lesika leo molohi a lohang ka lona; di fela ho se tshepo e ntshaletseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Matsatsi a ka a potlaka sa nale ya selohi, a be a fele tshepo yona e nkwekwetla.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 7:6
23 Referencias Cruzadas  

Bonang, o ka mpolaya, ha ho sa le kamoo nka tshepang kateng. Ke mpa ke rata ho hlahisa mekgwa ya ka pela wona;


metsi a fata majwe, diphororo di ya le lerole la lefatshe; o senya tshepo ya motho jwalo.


hobane ho sa tla feta dilemo tse seng kae, ke ntoo ikela ka tsela eo nke keng ka kgutla ka yona.


Phefumoloho ya ka e a timela, matsatsi a ka a tima, lebitla le nkemetse.


Matsatsi a ka a fetile, merero ya ka eo ke e hopotseng pelong ya ka, merero ya ka e wele fatshe.


Mme jwale, tshepo ya ka e kae? E tla bonwa ke mang e hlahile?


E tla theohela dikgorong tsa nqalo ya bafu, moo re ya robala hammoho leroleng.


O ntshentse ka nqa tsohle, mme ke fedile; o epolotse tshepo ya ka jwaloka sefate.


Matla a ka keng hore ke be le tshepo? Tshepo ya ka keng hore ke tle ke mamelle?


Matsatsi a ka a ikela kapele ho fetisa ya lebelo; a baleha a eso ho bone leseho:


Matsatsi a ka a jwaloka moriti o otlolohang, ke omella jwaloka jwang.


Motho o tshwana le pudulo, mme matsatsi a hae a ka leswiti le fetang.


Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.


Bona leoto la hao hore le se ke la tsamaya feela, le mmetso wa hao hore o se ke wa oma. O mpa o re: Le hanyenyane! ke mpa ke ratile medimo ya baditjhaba, ke tla nne ke e latele.


mehleng eo, le ne le le kantle ho Kreste, le ne le kgaohane le setjhaba sa Iseraele, le ne le se na kabelo dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.


Hobane letsatsi le re le sa tjhaba le mofuthumela wa lona, le phakise le pontshe jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le yena o tla pona jwalo metsamaong ya hae.


athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lona ke eng? Ke mohodi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela.


Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.


Hobane nama yohle e jwaloka jwang, mme kganya yohle ya motho e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo ye bo omelle, mme palesa ya jona e we;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos