Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 7:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Nama tsa ka di apesitswe ke diboko le ke makgapa a mobu, letlalo la ka le tswa dipetlane, le boele le tswe boladu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Diboko le kgoho tsa mobu di nkgometse, tlalo la ka le dipekane, le petla boladu.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 7:5
15 Referencias Cruzadas  

athe ke pherehlana jwaloka ntho e jelweng ke diboko, jwaloka kobo e jewang ke tshwele?


Ke re ho lebitla: O ntate! le ho diboko: Le mme le ngwaneso!


Dillo di thibile mahlo a ka, ditho tsohle tsa ka ke seriti feela.


Masapo a ka a kgomaretse letlalo la ka le dinama tsa ka, ke phonyohile ka thata ka letlalo la meno a ka.


Mme leha letlalo la ka le senyehile, ke tla bona Modimo ke se ke se nameng.


Ba lebalwa ke mpa e ba belehileng; ba etswa matlatlo a diboko; ha ba sa hopolwa. Molotsana o tloswa jwaloka sefate se omeletseng;


leha ho le jwalo o ntshobunya diretseng, mme nka tenwa le ke dikobo tsa ka.


Ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hara hlooho, ha ho moo ho pholohileng; ke maqeba feela, matetetso le diso tse phephethang boladu, tse esong ho phunngwe le ho tlamellwa, mme ha di eso ho thojwe ka ole.


Bokgabane ba hao bo akgetswe bafung, le melodi ya diharepa tsa hao; tshenyane ke malao a hao katlasa hao, o apesitswe ka diboko.


Mme ha ba tla tswela ntle, ba tla bona ditopo tsa batho ba ikgantsheditseng nna; hobane seboko sa bona se ke ke sa eshwa, mollo wa bona o ke ke wa tima, mme e tla ba ntho e tshabehang ho nama yohle.


Teng, le tla elellwa mekgwa yohle ya lona le diketso tsohle tsa lona tseo le neng le itshilafaditse ka tsona, le ikgobohellwe ka baka la tse mpe tsohle tseo le di entseng;


Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos