Mosadi a re: Ka Jehova, Modimo wa hao o phelang, ha ke na leha e le senkgwa, haese phofjwana e pitseng e ka tlatsang seatla, le olenyane sehong; bona, ke be ke rwalla thupana tse pedi, hore ke ye, ke lokisetse nna le mora ka, re tle re je, re ntoo shwa.
Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.
A ba a re ho nna: Mora motho, bona, ke se ke tla roba kotlo ya bohobe Jerusalema; ba tla ja bohobe bo lekantsweng, ba bo je ka mahlomola; le wona metsi ba a nwe a lekantswe, ba a nwe ka makalo,