Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 6:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Se tapileng a se ka jewa ha ho se na letswai? Na mothwebe o mosweu wa lehe a o na le ho utlwahala na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Dijo tse bosula di ka jewa ho se letswai? Na mothwebe o mosweu wona o a latsweha?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 6:6
13 Referencias Cruzadas  

Ha ke re, tsebe e ka nna ya kgetha dipolelo, jwaloka mahalapa ha a tseba ho kgetha dijo na?


Ditaba tse jwaloka tseo ke se ke kgotshe tsona; kaofela ha lona le batshedisi ba kgathatsang.


Hobane tsebe e leka ditaba, jwalokaha mahalapa a latswa dijo.


Puo tsa nnete di matla hakakang! Empa dikgalemelo tsa lona di kgalemela eng na?


Hleka le re, ho sa lokang ho teng lelemeng la ka, kapa na mahalapa a ka ha a tsebe ho kgetha bokgopo na?


Na pitsi e ka lla pela jwang? Kapa kgomo e ka bokolla pela furu ya yona?


Moya wa ka o hana ho di ama; ho nna ke dijo tse manyala.


Lentswe la hao le monate hakakang mahalapeng a ka, le fetisa dinotshi molomong wa ka.


O tla noka ka letswai nyehelo tsohle tseo o di hlahisang; o ke ke wa lebala le ka mohla o le mong letswai la selekane sa Modimo wa hao nyehelong ya hao; o tla kenya letswai nyehelong e nngwe le e nngwe eo o e hlahisang.


Le letswai la lefatshe; empa ekare ha letswai le tapa, le ka nokwa kang? Ha le sa na mosebetsi, le se le ka mpa la lahlelwa kantle, la hatwa ke batho.


Letswai ke ntho e monate; empa letswai ha le tapile, le ka nokwa kang?


Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos