Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 32:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, o fetola, a re: Ke monyenyane ka dilemo, mme lona le hodile; ka itshwara ke hona, ka tshaba ho le tsebisa mohopolo wa ka;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Yaba Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, o a bua, o re: “Ke sa le mmotlana, lona le tsofetse, ka hona ke ile ka itshwara, ka tshaba ho le bolella seo ke se tsebang.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 32:6
14 Referencias Cruzadas  

Maqheku a na le bohlale, dilemo tse ngata di na le kutlwisiso.


Ba bang ba teng hara rona, batho ba baholo, ba moriri o moputswa, ba fetang ntatao ka dilemo.


Na ke wena motho ya tswetsweng pele? Na o hlahile dithaba di eso ho be teng na?


Yaba ho tuka bohale ba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, wa ntlo ya Rame; bohale ba hae ba tukela Jobo, hobane a ipeile ya lokileng ho fetisa Modimo;


Eitse ha Elihu a mpa a bona hoba ho se karabo melomong ya banna ba bararo bao, bohale ba hae ba tuka.


Yaba Elihu o isetsa polelo ya hae pele, a re:


Elihu a boela a isetsa polelo pele, a re:


Elihu a boela a ntshetsa ditaba pele, a re:


O eme pela moriri o moputswa, mme o hlomphe ya hodileng. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Ka baka leo, ke re: Neang batho bohle se ba tshwanelang: ya tshwanelwang ke lekgetho, le mo nee lekgetho; ya tshwanelwang ke seabo, le mo nee seabo; ya tshwanelwang ke tshabo, le mo tshabe; ya tshwanelwang ke hlompho, le mo hlomphe.


O se ke wa kgalemela ya hodileng ka thata, empa o mo kgothatse jwaloka hoja ke ntatao, ba batjha jwaloka hoja ke banabeno;


Banna ba batjha le bona o ba kgothatse, hore ba phele ka kelello.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos