Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 32:6 - BIBELE

6 Yaba Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, o a bua, o re: “Ke sa le mmotlana, lona le tsofetse, ka hona ke ile ka itshwara, ka tshaba ho le bolella seo ke se tsebang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, o fetola, a re: Ke monyenyane ka dilemo, mme lona le hodile; ka itshwara ke hona, ka tshaba ho le tsebisa mohopolo wa ka;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 32:6
14 Referencias Cruzadas  

Bohlale ba sebele bo hahetse ho bo-raputswe, ho phela halelele ho fana ka kutlwisiso.


Bo-raputswe le maqheku ba ka hlakoreng la rona, bannabaholo ba boneng letsatsi pele ho ntatao.


“Ebe ke wena motswalwapele wa motho? kapa o bopilwe pele ho maralla?


Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso.


Ha a bona hore banna bao ba bararo ba feletswe ke puo, kgalefo ya hae ya nna ya tlokoma.


Yaba Elehu o tswela pele, o re:


Elehu a bua hape, a re:


Elehu a tswela pele, a re:


“ ‘O eme ka maoto ha o bona raputswe, o hlomphe leqheku, mme o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena.


Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.


O se ke wa kgarumela motho e moholo ho wena, empa o ipiletse ho yena jwaloka hoja ke ntatao. Tadima ba batjha e le baena ba hao,


Bahlankana le bona o ba kgothaletse hore ba be sedi.


Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos