Lerato la bona, le hloyo ya bona, le mohono wa bona, di se di timetse; ba ke ke ba hlola ba eba le kabelo ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi le ka mohla o le mong.
hobane monna eo ya lokileng, moyeng wa hae o lokileng, o ne a ntse a hloreha ka tsatsi le leng le le leng, ha a ne a ahile le bona, ka baka la mesebetsi e mebe ya bona, eo a neng a e bona le eo a neng a e utlwa —
Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale! Moya o re: E, hoba ba ya phomola mesebetsing ya bona; hobane mesebetsi ya bona e a ba latela.
Hape, Jehova o tla o neela, wena le Iseraele hammoho, matsohong a Bafilesta; hosasane, wena le bara ba hao, le tla ba le nna; le diahelo tsa Baiseraele, Jehova o tla di neela Bafilesta.