Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 3:17 - BIBELE

17 Lebitleng ba kgopo ba a kgaotsa, ba kgaotsa ho ferekanya, ba kgathetseng, teng ba fumana phomolo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Teng, ba babe ba lesa ho ferekanya, teng ho phomola ba kgathetseng;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 3:17
16 Referencias Cruzadas  

“Eka o ka be o mpata Nqalong ya Bafu, o nketsa bofihla, kgalefo ya hao e be e fete! Eka o ka be o mpalla nako, eo ka yona o tlang ho nkgopola!


E tla theohela le nna lebitleng, e theohele le nna leroleng.”


ke epetswe jwaloka sefolotsana, jwaloka lesea le eso bone lesedi.


Ba thopilweng le bona ba phela ka kgotso, ha ba sa utlwa mokataki a kgarumaka.


Kahoo ka lebohela ba seng ba shwele, ho ena le bana ba ntseng ba phela.


Lerato le lehloyo le lefufa la bona, tsena tsohle di timetse le bona; ha ba ka ke ba hlola ba eba le kabelo ho tsohle tse etswang mona lefatsheng.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


“Ke a le bolella, metswalle ya ka, le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa kamora moo ba se na letho leo ba ka le etsang hape.


A re thahaselleng ho kena phomolong eo, esere ka mokgwa o tshwanang le wane, ba bang ba wa, ka ho latela mohlala wa ho se mamele.


Ha ho le jwalo, setjhaba sa Modimo se sa saletswe ke letsatsi la phomolo,


Ka matsatsi wohle, pelo ya monna eo ya lokileng, ya neng a phela hara bona, e ne e tshwenngwa ke ho bona le ho utlwa diketso tsa bona tse kgopo.


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Ngola. Ho tloha jwale, ho lehlohonolo bafu ba shwetseng tshebeletsong ya Morena.” “E,” ho rialo Moya, “ba tla phomotswa mekgathaleng ya bona, hobane mesebetsi ya bona e tla ba sala morao.”


Ho feta mona, Morena o tla neelana ka Baiseraele, le ka wena matsohong a Bafilesita. Hosasane wena le bara ba hao le tla be le le bafu jwaloka nna. Morena o tla neelana le ka mabotho a Baiseraele matsohong a Bafilesita.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios