Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.
Balaame a araba, a re ho bahlanka ba Balake: Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka etsa letho leha le le leng, le lenyenyane leha e le le leholo, le tlolang taelo ya Jehova, Modimo wa ka.