Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 le marena le ba baholo ba lefatshe, ba ikgahetseng mabitla;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 ke phomotse le dikgosi le matona a kwano, bao mehaho ya bona e leng mabitla,

Ver Capítulo Copiar




Jobo 3:14
17 Referencias Cruzadas  

Yaba Salomone o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida. Roboame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ebile Davida o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida.


O isa baeletsi kgolehong ba hlobodisitswe, o tsietsa baahlodi;


o roba molamu wa marena, o tlama matheka a wona ka mehala.


o ikgaheletse metseng e senyehileng, matlung a se nang baahi, a leng lekgatheng la ho fetoha dithako.


Hobane ke tseba hoba o nkisa lefung, tlung eo ba utlwang kaofela ba tshwanetseng ho phuthehela ho yona.


Ba soteletswa jwaloka dinku nqalong ya bafu, moo lefu e tla ba modisa wa bona; ka hosasa, ba lokileng ba tla bewa marena a bona; bokgabane ba bona bo ya fela, nqalo ya bafu ke moo ba tla aha teng.


Motho ke mang ya phelang, mme a sa tlo ka a bona ho shwa? Ke mang ya ka lopollang moya wa hae matleng a nqalo ya bafu? (Sela.)


Motho ha a na matla a ho busa moya hore a o thibele; ho jwalo, ha a na ho laola letsatsi la lefu, ha ho kamoo ho ka phonyohuwang ntweng eo kateng, le bolotsana ha bo na ho lwela ba bo etsang.


Haele marena wohle a ditjhaba, a epetswe ka hlonepho, e mong le e mong lebitleng la hae.


O etsang mona? O na le mang mona, ha o ipetletse lebitla mona? O betlile lebitla phahameng, o itjheketse moaho lefikeng.


Ho madimabe ba rokahanyang ntlo le ntlo, ba eketsang tshimo ka tshimo, ho fihlela baka se fela, e tle e be lona le nnotshi benghadi ba naha!


Ditloholo tsa hao di tla tsosa masupi a boholoholo; o tla tsosa metheo ya kgale, mme o tla rewa motsosi wa dikgeo, le molokisi wa diterata tse ka ahuwang.


ke tla o lahlela hammoho le ba theohelang sehokong, ho ditjhaba tsa kgale, ke o ahise lefatsheng le tebileng, masuping a sa feleng, hammoho le ba theohetseng sehokong, hore o tle o se ke wa hlola o ahuwa: athe ke tla bea kganya lefatsheng la ba utlwang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos