9 O kwahela metheo ya terone ya wona, o e apesa ka maru a wona.
9 Kgwedi ha e tolokile o a e fifatsa, ka maru a hae a e etsetse lesira.
Yaba Salomone o re: Jehova o itse, o rata ho aha lefifing le letsho.
Maru a o kwahetse hore o sitwe ho bona; bokgwidikweng ba lehodimo, ke moo o haolang teng.
A phutholla leru ho ba sireletsa, le mollo ho ba bonesetsa bosiu.
Maru le botsho di mo teetse hare; ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hae.
Setjhaba sa nna sa ema hole jwalo, Moshe yena a atamela pela leru le letenya moo Modimo o leng teng.
Ho se ke ha nyoloha motho le wena; ho se ke ha bonwa motho thabeng yohle; esita le dinku le dikgomo, di se ke tsa tla fula pela thaba ena.
e leng yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ikahetseng leseding le sa atamelweng, eo ho seng le a mong ho batho ya kileng a mmona, eo ho seng ya ka mmonang, eo hlompho le matla a sa feleng e leng tsa hae. Amen!