Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 26:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 O dikadikeditse sebaka sa metsi ka sedikwadikwe, ho kgutla moo lesedi la arohanang le lefifi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 O radile sedikadikwe, a se rala hodima lewatle, a etsa moedi ho arohanya lesedi le lefifi.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 26:10
13 Referencias Cruzadas  

Lefatshe ha le sa ntse le le teng, ho jala le ho kotula, mohatsela le mofuthumela, lehlabula le mariha, bosiu je motshehare di ke ke tsa hlokahala.


Ditshiya tsa mahodimo di a tlakasela, di sisimoloha ka kgalemelo ya wona.


Yaba Jehova o fetola Jobo a le sefefong, a re:


E kae tsela e isang tlung ya lesedi? Haele lefifi, na bodulo ba lona ke kae na?


Na o tla di lata tse pedi hore o tsebe moo di fellang teng, o tsebe le tsela e isang tlung ya tsona na?


Tsela ke efe e isang moo lesedi le arohanang teng, moo sefefo se tswang ho tla fokela lefatsheng?


O bokella metsi a lewatle hammoho, a ka qubu; o boloka bodiba dipolokelong tsa hae.


Mohla a lokisang mahodimo, ke ne ke le teng; mohla a dikadiketsang lewatle ka moedi;


le mohla a laelang lewatle hore metsi a lona a se ke a tlola lebopo; le mohla a lekanyang metheo ya lefatshe.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos