Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 20:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Le hoja a ka hola ho isa lehodimong, hlooho ya hae ya fihla marung,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Leha boikgantsho ba hae bo ka fihla mahodimong, hlooho ya hae ya ithwesa tlokola ya maru,

Ver Capítulo Copiar




Jobo 20:6
8 Referencias Cruzadas  

Jwale ba re: Tloong jwale, re ikgahele motse le tora, hloro ya yona e fihle lehodimong, mme re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetswa lefatsheng lohle.


Le hoja Babilona a ka phahamela lehodimo, a thatafatsa qhobosheane e phahameng ya hae, basenyi ba tswang ho nna ba tla mo fihlela, ho bolela Jehova.


Ke ne ke tadima, mme ka bona ho le sefate mahareng a lefatshe, se phahamileng haholoholo; sefate seo se ne se le seholo, se medile ka matla, ntlha ya sona e ne e ama lehodimo, se ne se bonahala le ho ba leng pheletsong ya lefatshe;


seo mahlaku a sona a leng matle, le ditholwana tsa sona di leng ngata, se nang le ho jewa ke bohle, se etsetsang diphoofolo tsa naha moriti, mme dinonyana tsa lehodimo di hahang makaleng a sona, se lekanya wena, morena, o leng moholo le matla, eo boholo ba hao bo leng boholo haholo, bo bileng bo amang lehodimo, eo mmuso wa hao o namileng ho isa pheletsong ya lefatshe.


Leha ba ka phunya nqalo ya bafu ho tshabela teng, le teng letsoho la ka le tla ba ntsha; leha ba ka nyolohela lehodimong, ke tla ba theola teng.


Le wena Kapernauma, ya phahamiseditsweng lehodimong, o tla kokobeletswa nqalong ya bafu; hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos