Ba re: “Tloong, re ikgaheleng motse, le tora eo tlhoro ya yona e tla fihla lehodimong; mabitso a rona a tle a tume, esere ra tshoha re qhalaqhalana le lefatshe lohle.”
“Oho, kgosi, sefate seo ke wena! O ile wa hola, wa matlafala. Boholo ba hao bo hodile hoo bo fihlang marung, le puso ya hao e fihla dipheletsong tsa lefatshe.
Leha ba ka phunyeletsa ho ya fihla Nqalong ya Bafu, tsoho la ka le tla ba ntsha hona moo. Leha ba ka nyolohela hodimo, hodimo mahodimong, le hona moo ke tla ba theola.
Na le wena Kaperenauma, “ebe o tla phahamisetswa lehodimong? O tla theohela tlase lebitleng! “Hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahare ho wena di ne di entswe kahara Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno-ya-bokajeno.