Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 18:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 hobane o hata letlowa ka maoto a hae, o tsamaya hodima mamena;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Maoto a hae a mo akgela ka letloweng, o ntsa itsamaela hodima leraba;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 18:8
18 Referencias Cruzadas  

Ha morena a dumela, ho ke ho ngolwe taelo ya ho ba timetsa, mme ke tla lekanyetsa ba tshwereng mosebetsi oo ditalenta tsa silefera tse kete tse leshome, ba tle ba di kenye bobolokelong ba morena.


Hamane a phetela Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, tsohle tse mo hlahetseng. Ba bohlale ba hae, le mosadi wa hae Sereshe, ba re ho yena: Erekaha Mordekai eno eo o qadileng ho wa pela hae e le wa mofuta wa Bajuda, o ke ke wa mo fenya, empa ruri o tla wa pela hae.


Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.


Yaba morena Assueruse o araba, a re ho mofumahadi Esthere: Ya betileng pelo ho etsa jwalo, ke mang? o kae?


sefi se mo tshwasitse serethe; letlowa le mo tlamile;


le utlwisise hoba ke Modimo o mphallelang, o ntiketse sefing sa wona.


Ke ka baka leo o kopilweng ke difi, mme botshabeho bo o tshosa hang;


Ya lapileng o ya ja kotulo ya lona, o ya nka le hara meutlwa, mme leshodu le hlwibila menono ya lona.


Tshenyeho a e ke e ba wele hodimo ka sehloho; ba ke ba tshwaswe lerabeng leo ba le patileng, ba wele teng, ba timelle ho lona!


Baditjhaba ba tebela lemeneng leo ba itjheketseng lona; maoto a bona a tshwaswa lerabeng leo ba le patileng.


Sebeng sa motho e mobe sefi se teng; empa ya lokileng o a bine, o a thabe.


Molotsana o tla tshwaswa ke makgopo a hae, a bofjwe ka marapo a dibe tsa hae.


Tshoho, lemena, leraba di pela hao, ya ahileng naheng ena!


Ya balehelang tshoho, o wela lemeneng; ya tlang ho inyolla lemeneng, o itshwasa lerabeng, hobane dithoba tsa mahodimo di a buleha, mme metheo ya lefatshe e a reketla.


Morena Jehova o re: Ke se ke tla ala matlowa a ka hodima hao, phuthehong ya ditjhaba tse ngata, mme di tla o ntsha metsing ke letlowa la ka.


Hape, e ka kgona a be le bopaki bo botle bo tswang ho ba kantle, a tle a se ke a wela dihlapeng le lerabeng la Diabolose.


Empa ba ratang ho rua, ba wela melekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata, tse sa utlwahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.


mme ba tlohe lerabeng la Diabolose, ya ba tshwasitseng hore ba etse kamoo a ratang kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos