Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.
Pelo ya morena wa Siria ya ferekanngwa ke hoo, a ba a bitsa bahlanka ba hae, a re: Na le ke ke la mpolella hobane ke mang wa rona ya emelang morena wa Iseraele?
Leha e le yona, e tla iswa Assiria, e be nyehelo ho morena Jarebe (motseki). Efraime o tla hlajwa ke dihlong, Iseraele a swabe ka baka la seo a se pheheletseng.