Ha o a ka wa abelwa lebitla le wona, e le kahobane o sentse lefatshe la hao, o bolaile setjhaba sa hao; leloko la ba bolotsana le ke ke la hlola le bolelwa le ka mohla o le mong.
Ka baka leo, jwaloka malakabe a mollo ha a eja ditlhaka, le kgabo ha e tjhesa hlaha, motso wa bona o tla bola, o fele jwalo, le palesa ya bona e tla foforeha jwaloka lerole, hobane ba nyatsitse molao wa Jehova wa makgotla, ba nyedisitse lentswe la Mohalaledi wa Iseraele.
Athe ke nna ke neng ke timetse Baamore pela lona, bao bolelele ba bona bo neng bo le ka ka bolelele ba dikedare, ba le matla jwaloka dieike, ka timetsa tholwana tsa bona hodimo le metso ya bona tlase.
Hobane bonang, letsatsi le a tla, le tjhesang jwaloka mollo wa sebopi, mme baikgohomosi kaofela le bohle ba etsang bolotsana ba tla ba jwaloka matlakala; tsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa, ho bolela Jehova wa makgotla, ho se hlole ho sala ho bona motso, kapa lekala.