O ke ke be wa epelwa jwaloka kgosi, tsa tjhaba tse ding, hobane o sentse naha ya hao, wa bolaya tjhaba sa heno. Tloholo tsa ba kgopo ha di sa tla hopolwa.
Ka baka leo, ba tla tjha sa ditlhaka di tjheswa ke mollo, ba tjhe sa matlakala a tjheswa ke malakabe, metso ya bona e tla bola, thunthung tsa bona di fefohe jwaloka lerole, hobane ba furaletse molao wa Morena mabotho, ba nyedisitse polelo tsa Ya Halalelang wa Iseraele.
Efraime ke fate se seng se rathilwe, motso wa hae o se o omeletse, a ke ke a hlola a beha ditholwana. Esita leha a ka tswala bana ke tla bolaya bana ba popelo ya hae, bana bao a ba ratang haholo.”
Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.
Morena wa mabotho o re: “Ruri letsatsi leo le a tla; le tla tjhesa jwaloka sebopi sa mollo. Bohle ba ikakasang le ba etsang bokgopo ba tla ba jwaloka mmoko. Letsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa ka mollo. Ha le ka ke la ba siela motso kapa lekala.