Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 17:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba lokileng ba maketse ke hoo, ba se nang molato ba halefela ba bolotsana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Hona batho ba lokileng ba ho makaletse, ba se nang molato ba nyatsa ba kgopo;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 17:8
10 Referencias Cruzadas  

Eitse ha ke utlwa lentswe leo, ka hahola kobo ya ka le kojwana, ka hlotha moriri wa hlooho ya ka le ditedu tsa ka, mme ka dula fatshe ke tshohile.


Ba lokileng ba bona hoo, mme ba thaba; ya se nang molato o tsheha ka bona, o re:


hore motho ya bolotsana a se ke a busa, a se ke a dihela setjhaba.


O se ke wa hlora ha o bona ba bolotsana, o se ke wa honohela ba etsang ho hobe!


hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefodi.


Leha o bona naheng e nngwe mofutsana ha a tujwa, le ho loka le toka ha di kgopamiswa, o se ke wa makala ke hoo; hobane ya phahameng hodimo ho ya phahameng o teng, o a lebela, mme Mookamedi o teng ya hodimo ho bona ba babedi.


Wena ya mahlo a hlwekileng a tshabanang le bobe, ya sitwang ho tadima hloriso, o tadimelang bathetsi? O kgutsetsang, ha molotsana a metsa ya mo fetisang ka ho loka?


Yaba Pauluse le Barnabase ba ba bolella pontsheng, ba re: Ho ne ho tshwanetse hoba lentswe la Modimo le bolellwe lona pele; erekaha le le hana, mme le ikahlola e le lona hore ha le a tshwanelwa ke bophelo bo sa feleng, bonang, re retelehela ho baditjhaba.


A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos