16 E tla theohela dikgorong tsa nqalo ya bafu, moo re ya robala hammoho leroleng.
16 E tla theohela le nna lebitleng, e theohele le nna leroleng.”
Yaba Bildade wa Shua o fetola, a re:
Masapo a hae a tletse matla a botjha, athe jwale a tla robala le yena leroleng.
Makote a sekgutlo a bobebe hodima hae; batho kaofela ba kolokile kamora hae, ba etellang pele ha ba na palo.
Tshiu tsa ka di pomilwe kapele ho fetisa lesika leo molohi a lohang ka lona; di fela ho se tshepo e ntshaletseng.
Maru a qhalane, a iketse; ho jwalo le ya theohelang nqalong ya bafu: ha a na ho kgutla teng;
Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.
Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.
Ke ne ke theohetse tlase metheong ya dithaba, lefatshe le ne le nkwaletse ka mekwallo ya lona ho isa ho sa feleng. Ebile o nyolla bophelo ba ka sekoting, Jehova, Modimo wa ka.
Empa kahlolo ya ho shwa ya hla ya eba ka ho rona, hore re tle re se ke ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo o tsosang bafu;