16 E tla theohela le nna lebitleng, e theohele le nna leroleng.”
16 E tla theohela dikgorong tsa nqalo ya bafu, moo re ya robala hammoho leroleng.
Yaba Biledade ya tswang Shua o a araba, o re:
Bokwakwariri ba botjha bo tletse masapo a hae, ha a kgutlela leroleng bo tla lala le yena teng.
Qubu ya mobu e hodima hae ha e mo imele, batho bohle ba koloka kamora hae, kapele ho yena boiyane bo mo eteletse pele.
Matsatsi a ka a potlaka sa nale ya selohi, a be a fele tshepo yona e nkwekwetla.
Jwalokaha maru a fefoha, a nyamele, ya theohelang Nqalong ya Bafu a ke ke a nyoloha;
Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng.
Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, masapo ana a tshwantsha bohle ba ntlo ya Iseraele. Ha ba bua ba re: ‘Masapo a rona a omeletse, re feletswe ke tshepo, re timeletswe.’
Ke ne ke tebile, ke le tlase ho dithaba, mekwallo ya Nqalo ya Bafu e nkwalletse ruri; empa wena Morena Modimo wa ka, o mpholositse Nqalong eo ya Bafu.
Ra ikutlwa eka re ahloletswe lefu, mme hona ha etsa hore re se ke ra nna ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo ya tsosang bafu;