18 Bonang, ke hlomahantse taba ya ka, ke tseba hobane ke tla bewa ya lokileng.
18 Bonang jwale, nyewe ya ka ke e radile, ke a tseba ke tla fumanwa ke se molato.
Athe o ntse o tseba hobane ha ke na molato, le hobane ha ho motho ya ka nnamolelang letsohong la hao.
Ke fetohile sesomo ho metswalle ya ka, ha ke kopa thuso ho Modimo; e, ke sesomo ke le ya lokileng, ya se nang molato.
Elang hloko, le mamele polelo tsa ka, mme ditaba tsa ka di kene ditsebeng tsa lona.
hore o emele motho ho Modimo, le ngwana motho ho metswalle ya hae;
Ke be ke tla hlomahanya taba ya ka pela wona, ke tlatse molomo wa ka ka ditaba!
Ke itshwareletse ka ho loka ha ka, nke ke ka ho latola; pelo ya ka ha e nkahlole hodima matsatsi a ho phela ha ka leha le le leng.
Jwale, banna bao ba bararo ba lesa ho fetola Jobo, hobane e ne e le ya lokileng mahlong a hae.
Ke hlwekile, ha ho sebe ho nna; ha ke na molato, ha ho bokgopo ho nna;
Hobane Jobo o itse: Ke lokile, mme Modimo o nkamohile toka ya ka;
Kgutlang hle! ho sa lokang ho be siyo! Kgutlang, taba ya ka e sa lokile le jwale.
Leha ekaba taba ya ka e lokile, molomo wa ka o tshwanela ho ntswa; ha ekaba ha ke na molato, o tla mpona ke le molotsana.
Ho ba le molato, ha ke na wona; ha ke itlhokomele; bophelo ba ka ha ke re letho ka bona.
Nkgopotse, re tseke hammoho! Bolela, o tle o bonahale o le ya lokileng!
Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.