Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nqalo ya bafu; leha kotlo e tlang jwaloka morwallo e ka tla kwano, e ke ke ya re etsa letho, hobane re entse leshano setshabelo sa rona, mme thetso ke tshirelo ya rona.
Bonang, ke na le tseko le ba porofetang ditoro tsa leshano, ho bolela Jehova, ba di bolelang, ba kgelosang setjhaba sa ka ka mashano a bona le ka boikakaso ba bona; kanthe ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, mme haele ho thusa, ha ba thuse setjhaba sena letho, ho bolela Jehova.
Mme moporofeta Jeremia a bolella Hanania moporofeta, a re: Mamela hle, Hanania: Jehova ha a ka a o roma, mme wena o hlile wa tshepisa setjhaba sena ka leshano.
Yaba ke re: Jo! Morena Jehova, kannete o thetsitse setjhaba sena le Jerusalema, ha o itse: Le tla nne le be le kgotso, kanthe lerumo le hlile le ba hlaba ho ya fihla moyeng.
Ka baka leo, ke tla nea ba bang basadi ba bona, bahapi ba nke masimo a bona, hobane bohle ba hlile ba ineela takatso ya ho rua, e monyenyane le e moholo, moporofeta le moprista; e mong le e mong o etsa bohata.