Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 ke tla le ahisa nqalong ena, lefatsheng leo ke le neileng bontata lona, ho isa ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 7:7
12 Referencias Cruzadas  

nke ke ka hlola ke tlosa maoto a Baiseraele lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ha ba ka boloka le ho etsa ka tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ka molao wohle, le dikomelo, le ditaelo tse beilweng ke Moshe.


Le se ke la tshwenya mosadi wa mohlolohadi, leha e le kgutsana.


Ha le rata ho utlwa, le tla ja monono wa lefatshe;


Ba ne ba re ho lona: Sokolohang hle e mong le e mong mekgweng e mebe ya hae, le bolotsaneng ba diketso tsa lona, le tle le ikahele lefatsheng leo Jehova a le neileng lona le bontata lona kamehla le ka ho sa feleng;


Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.


Mehleng eo, ntlo ya Juda e tla tsamaya le ntlo ya Iseraele; ba tla tswa hammoho lefatsheng la Leboya, ho ya lefatsheng leo ke le ruisitseng bontata lona.


Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma, ke re: Bakang hle e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le sokolohe diketsong tsa lona, le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa, mme le tla nne le ikahele lefatsheng leo nkileng ka le nea lona le bontata lona moholo; empa ha le a ka la sekeha tsebe, ha le a ka la nkutlwa.


Iseraele, ha o ka sokolohela ho nna, ho bolela Jehova, wa boela ho nna, wa tlosa manyala a hao pela ka, ha o sa tla hlola o phaila.


Ke ne ke itse: Feela o ntshabe, o amohele kgalemelo! ... Hoja o ka etsa jwalo, bodulo ba wona bo ka be bo sa tlo fediswa, ka tsohle tseo ke di laetseng hodima wona; empa ba tsohetse ho senya diketso tsa bona kaofela.


Boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o be le lehlohonolo, wena le bana ba hao kamora hao, mme o tle o atise ditshiu tsa hao ka ho sa feleng lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos