Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Bahale ba Babilona ba lesitse ho lwana, ba ituletse diqhobosheaneng, ba feletswe ke bohale ba bona, ba fetohile basadi, ho tjhesitswe meaho ya bona, mekwallo ya bona e robilwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Bahlabani ba Babilona ba kgaoditse ho lwana, ba haneletse ka diqhobosheaneng tsa bona! Sebete sa bona se se se fedile, ba se ba itshwanela le basadi feela. Diahelo tsa Babilona di tjhesitswe ka mollo, mekwallo ya dikgoro tsa yona e robilwe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:30
16 Referencias Cruzadas  

hobane o robakile menyako ya koporo, a thuhakanya mekwallo ya tshepe.


Hobane o tiisa mekwallo ya menyako ya hao, o hlohonolofatsa bara ba hao kahare ho wena.


Bahale ba matla ba hlotswe, ba ithobaletse boroko ba bona; bahale ha ba ka ba tseba ho lwana ka matsoho a bona.


Ka tsatsi leo, Baegepeta ba ya ba jwaloka basadi; ba tla tshoha, ba thothomele, ka baka la letsoho la Jehova wa makgotla le sisinyehang ho ba kgalemela.


Bona, ba jwaloka diriti, ba ya tjheswa ke mollo, ba ke ke ba tseba ho lopolla meya ya bona malakabeng; e ke ke ya eba mashala ao ho ikomoswang ka wona, leha e le mollo o orwang.


Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Tshelang ditlatse ho yena, le ntse le mo teetse hare. O otlolla matsoho a hae; metheo ya hae e a sisinyeha, marako a hae a heleha, hobane ke phetetso ya Jehova; le iphetetse ho yena; kamoo a ileng a le etsa kateng, le mo etse jwalo.


le hoba madiboho a tshwerwe, ho tjhesitswe mahlaka ka mollo, bahlabani ba thekesela.


Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Menyako ya hae e diketse fatshe; o sentse, o robakantse mekwallo ya yona; morena wa hae le babusisi ba hae ba ditjhabeng; molao ha o sa le yo, le bona baporofeta ba hae ha ba sa fumana dipono ho Jehova.


Ke tla roba mekwallo ya Damaseka, ke fedise ba ahileng thoteng ya Afene, le ya tshwereng lere la borena Bethe-Edene, mme setjhaba sa Siria se tla iswa Kire kgolehong: ho itswalo ke Jehova.


Bona, batho ba hao ba ho wena ke basadi feela; dikgoro tsa lefatshe la hao di ipuletse bao e leng dira ho wena, mekwallo ya hao e tjheswa ke mollo!


a ntse a eme hole le yena ke ho tshaba dikotsi tsa hae, a re: Jo! jo! Babilona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ya hao e hlahile jwang ka hora e le nngwe!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos