Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 51:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Barongwa le manqosa ba teana le barongwa ba bang le manqosa a mang, ho ya tsebisa morena wa Babilona hobane motse wa hae o kenwe ka nqa tsohle;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Baromuwa ba rongwa ba sa tswa rongwa, maqosa le wona a salana morao, ho isetsa kgosi ya Babilona ditaba: Motse wohle wa yona o so hapilwe!

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:31
16 Referencias Cruzadas  

Yaba dititimi di ya le naha yohle ya Iseraele le Juda, di ena le mangolo a tswang ho morena le ho mahosana a hae; taelo ya morena e ne e re: Bana ba Iseraele, kgutlelang ho Jehova, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Iseraele, hore le yena a kgutlele ho lona, masala a phonyohileng matsohong a marena a Assiria.


Mordekai a ngola ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiisa ka lesale la morena; a romela mangolo ka dititimi tse kaletseng dipere le ka ba palamileng tse lebelo, e leng dimulete tse tswetsweng ke dipere tse tshehadi.


Dititimi tse kaletseng tse mathang e leng dimulete, tsa phakisa tsa tloha di akofisitswe ke taelo ya morena. Le Susane, motse wa moreneng, taelo eo ya laelwa.


Matsatsi a ka a ikela kapele ho fetisa ya lebelo; a baleha a eso ho bone leseho:


Tshenyo e ye e bitse tshenyo e nngwe, hobane ho tla senngwa lefatshe lohle, ditente tsa ka di ya senngwa hang le yona metlotlwane ya ka.


Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.


Ke o tjhehetse sefi, mme o tshwerwe, Babilona, o sa tsebe; o bile wa fumanwa, o tshwasitswe, hobane o lwantshitse Jehova.


Morena wa Babilona o utlwa taba tsa bona, matsoho a hae a tepeletse, tsietsi e mo tshwere le bohloko bo jwaloka ba ya belehang.


le hoba madiboho a tshwerwe, ho tjhesitswe mahlaka ka mollo, bahlabani ba thekesela.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos