Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Bona, ke tla ho wena, thaba e senyang, ho bolela Jehova, wena ya senyang lefatshe kaofela; ke tla otlolla letsoho la ka hodima hao, ke o dihe mafikeng, ke o fetole thaba e tjhesitsweng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 “Wena thaba e timetsang ke a o lwantsha, wena ya timetsang lefatshe lohle,” ho rialo Morena. “Ke tla o nanabela ka letsoho la ka, ke o thete, o wele, ke o dihele ka dilomong, ke o tshwantshe le thaba e le lehoko.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:25
18 Referencias Cruzadas  

Jwale ba re: Tloong jwale, re ikgahele motse le tora, hloro ya yona e fihle lehodimong, mme re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetswa lefatsheng lohle.


Leha ke tsamaya hara matswalo, o tla mphedisa, o tla qobisa bohale ba dira tsa ka ka letsoho la hao, letsoho le letona la hao le mpholose.


Emisang folaga thabeng e se nang meru, le howeletse ho bona ka lentswe le phahameng, le ba hwehle ka letsoho, ba kene ka menyako ya marena.


Empa etlare hobane dilemo tse mashome a supileng di phethehe, ke tla kgalemela morena wa Babilona le setjhaba sa teng ka bokgopo ba bona, ho bolela Jehova, ke kgalemele le lefatshe la Bakalde, ke le fetole lefeella ka ho sa feleng.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Jehova o butse ntlo ya dihlomo tsa hae, o ntshitse dibetsa tsa kgalefo ya hae teng, hobane ke Morena, Jehova wa makgotla, ya nang le taba le lefatshe la Bakalde.


Bona, ke tla ho wena, moikgohomosi, ho bolela Morena, Jehova wa makgotla, hobane ho tlile letsatsi la hao, nako eo ke o kgalemelang ka yona.


Le hoja Babilona a ka phahamela lehodimo, a thatafatsa qhobosheane e phahameng ya hae, basenyi ba tswang ho nna ba tla mo fihlela, ho bolela Jehova.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Marako a Babilona a sephara a tla ripitlwa, menyako ya hae e phahamileng e tjheswe ka mollo; etlaba ditjhaba di sebeleditse lelea, merabe e ikgathaleditse mollo, mme ba tla fela dipelo.


Babilona e ne e le senwelo sa kgauta letsohong la Jehova, se tahisang lefatshe kaofela; ditjhaba tsa nna tsa enwa veine ya hae; ka baka leo, ditjhaba di hlile tsa hlanya.


yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?


Wena thaba e kgolo, o eng pela Sorobabele? O lehwatata feela! Mme o tla hlahisa lejwe la hloro ya ntlo hara ditlatse tse reng: Le hauhelwe! le hauhelwe!


Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona.


Lengeloi la bobedi la letsa terompeta ya lona, mme ntho e kang thaba e kgolo, e tukang ke mollo, ya akgelwa lewatleng, mme karolo ya boraro ya metsi a lewatle ya fetoha madi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos