Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Empa ke tla busetsa ho Babilona le ho baahi kaofela ba Kalde bobe bohle ba bona, boo ba ileng ba bo etsa Sione pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 “Ke tla fedisa Babilona le baahi bohle ba yona moo le ntseng le bona, ka baka la diphoso tsohle tseo ba di etseditseng Sione,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:24
25 Referencias Cruzadas  

Ke ka baka lang ha ditjhaba di ka re: Modimo wa bona o kae? Phetetso ya madi a bahlanka ba hao a tsholohileng a e ke e bonahale ditjhabeng pontsheng ya rona!


Phuthehang kaofela, le mamele: Ke mang hara bona ya boletseng ditaba tsena na? Eo Jehova a mo ratang o tla phetha thato ya hae hodima Babilona, letsoho la hae le lwantshe Bakalde.


ho bolela ngwaha wa mehauhelo ya Jehova, le letsatsi la diphetetso tsa Modimo wa rona; ho tshedisa ba llang kaofela,


Lentswe le lerata le tswa motseng, lentswe le tswa tempeleng, ke lentswe la Jehova ya busetsang ho dira tsa hae ka diketso tsa tsona.


Hobane le bona ba tla bewa katlasa ditjhaba tse kgolo le mebuso e meholo, mme ke tla busetsa ho bona ka diketso tsa bona le ka mosebetsi wa matsoho a bona.


Mme Kalde o tla etswa kgapo; bahapi ba hae kaofela ba tla kgora yena, ho bolela Jehova.


Tshelang ditlatse ho yena, le ntse le mo teetse hare. O otlolla matsoho a hae; metheo ya hae e a sisinyeha, marako a hae a heleha, hobane ke phetetso ya Jehova; le iphetetse ho yena; kamoo a ileng a le etsa kateng, le mo etse jwalo.


Leotsang metsu, le tshware dithebe. Jehova o tsositse moya wa marena a Bamede; hobane morero wa hae o reretswe Babilona ho mo senya, hobane tefetso ya Jehova ke eo, tefetso ya tempele ya hae.


Ka wena ke nnile ka pshatla modisa le mohlape wa hae; ka wena ka pshatla molemi le dipholo tsa hae, ka wena ka pshatla mahosana le babusisi.


Botubo boo ke bo etseditsweng, le nama tsa ka tse harotsweng, di ke di be hodima Babilona, ho tla bolela moahi wa Sione; madi a ka a be hodima baahi ba Kalde, ho tla bolela Jerusalema.


Jwalokaha Babilona a ile a diha ba hlabilweng ba Iseraele, le hona ba hlabilweng ba lefatshe lohle ba tla wa Babilona.


Efela mosenyi o ya mo tlela, yena Babilona; bahale ba hae ba tla hapuwa; liqha tsa bona di robehile; hobane Jehova ke Modimo wa boiphetetso, o tla nne a putse ka tshwanelo.


Jehova, o ba putse ka moputso o lekanang le mosebetsi wa matsoho a bona.


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


Mme ke ho wona ho fumanweng madi a baporofeta, le a bahalaledi, le a bohle ba bolailweng lefatsheng.


Ya howa ka lentswe le phahamileng, ya re: Morena ya halalelang, wa nnete, o tla dieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos