Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Emisetsang marako a Babilona folaga, tiisang balebedi, beang dibohodi, le lokise dihlwela, hobane Jehova le yena o a rera, le hona o tla etsa seo a se boletseng bakeng sa baahi ba Babilona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Phahamisang mokgele hodima marako a Babilona! Matlafatsang balebedi ba motse! Beang dibohodi, le bee le balalli, hobane Morena o tla phetha morero wa hae, morero oo a soketseng baahi ba Babilona ka wona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:12
18 Referencias Cruzadas  

Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


O tla emisetsa ditjhaba folaga ya hae, dipheletsong tse nne tsa lefatshe a bokelle Baiseraele ba tebetsweng, a phuthe le Bajuda ba qhalantsweng.


Emisang folaga thabeng e se nang meru, le howeletse ho bona ka lentswe le phahameng, le ba hwehle ka letsoho, ba kene ka menyako ya marena.


Bohale ba Jehova bo ke ke ba kgutla, a eso ho etse le ho phetha kgopolo ya pelo ya hae; mehleng ya morao le tla hlalohanya teng ka hlalefo.


Ka baka la ntho tseo, lefatshe le tla lla, mahodimo a hodimo a fifale, hobane ke boletse seo ke se hopotseng, mme ha ke fetohe; nke ke ka sutha teng.


Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.


Jehova o butse ntlo ya dihlomo tsa hae, o ntshitse dibetsa tsa kgalefo ya hae teng, hobane ke Morena, Jehova wa makgotla, ya nang le taba le lefatshe la Bakalde.


Leotsang metsu, le tshware dithebe. Jehova o tsositse moya wa marena a Bamede; hobane morero wa hae o reretswe Babilona ho mo senya, hobane tefetso ya Jehova ke eo, tefetso ya tempele ya hae.


Emisang folaga lefatsheng, le letse terompeta ditjhabeng, le mo tsosetse ditjhaba, le mo memele mebuso ya Ararate, ya Minni, le ya Ashkenase, le bee balaodi ba makgotla ho mo lwantsha; atametsang dipere, di ke di nyolohe jwaloka ditsie tse mohlahla.


Lefatshe le a sisinyeha, le a thekesela, hobane morero wa Jehova o etsahalla Babilona ho fetola lefatshe la Babilona lesupi feela, le se nang moahi.


Jehova o entse seo a neng a se rerile, o phethile polelo ya hae eo a neng a e laetse esale le mehleng ya kgale; o ripitlile, mme ha a ka a qenehela; o thabisitse ba o hloileng, o phahamisitse lenaka la bao e leng dira ho wena.


ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele kgohlong ya Josafate; ke tla tseka teng le bona ka baka la Iseraele, setjhaba sa ka le lefa la ka, eo ba mo qhalantseng hara ditjhaba, ba ba ba arola naha ya ka.


Wena Ninive, o futuhelwa ke ya tla o hasanya; lebela lerako, disa tsela, itiise letheka, o iphe matla a maholo!


Morena wa Ai ha a bona hoo, banna ba motse ba akofa ba tsohela, ba tswela lehwatateng ho kgahlanyetsa Baiseraele, moo ho kgethilweng, e le yena le batho bohle ba hae; empa o ne a sa tsebe hobane o beetswe mekgahlelo kamora motse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos