Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Leotsang metsu, le tshware dithebe. Jehova o tsositse moya wa marena a Bamede; hobane morero wa hae o reretswe Babilona ho mo senya, hobane tefetso ya Jehova ke eo, tefetso ya tempele ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Tjhorisang metsu, le nke dithebe tsa lona, Morena o phepheditse kgosi tsa Bamede di halefile, sepheo sa hae ke ho timetsa Babilona. Bona ke bona boiphetetso, boiphetetso ba Morena, ke ho phetetsa le Tempele ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:11
39 Referencias Cruzadas  

Jwale, Jehova a tsosetsa Salomone sera, e le Moedomo Hadade, wa lesika la morena wa Edomo.


Hape, Modimo wa tsosetsa Salomone sera se seng; ke Resone, mora Eliada, ya neng a thobe ho monga hae, Hadadesere, morena wa Tsoba.


Yaba moo Modimo wa Iseraele o susumetsang pelo ya Pule, morena wa Assiria, le pelo ya Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, mme a tlosa Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa Manasse, a ba isa Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, ho fihlela kajeno.


Ka selemo sa pele sa Siruse, morena wa Persia, ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia, hore mmusong wohle wa hae a tsamaise tsebiso e ngodilweng, e reng:


Ka selemo sa ho qala Siruse, morena wa Persia, hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le boletsweng ke Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia; yaba o tumisa kahohle mmusong wa hae ka mokgosi le ka mangolo taba e reng:


Jehova wa makgotla o tla tlisa phafa hodima Assiria, jwalokaha a kile a otla Midiane lefikeng la Orebe, a emise thupa ya hae hodima lewatle, jwalokaha a entse Egepeta.


Ke bontshitswe pono e tshabehang: Mohapi o a hapa, mosenyi o a senya. Nyoloha, Elame! wena Media, o lokise ntwa! Ke fedisa masisapelo wohle.


Dijo di bewa tafoleng; molebedi o a lebela; ba ja, ba nwa ... Tlohang, le eme, lona marena; kwetlisang dithebe!


Ke mo tsositse leboya, mme o a tla; o tswa botjhabela, ya rapelang lebitso la ka; o hatakela marena, jwaloka seretse, ka mokgwa wa mmopi wa dipitsa ha a kgoba letsopa.


Jehova o bolela ho motlotsuwa wa hae, ho Siruse, eo a mo tshwereng ka letsoho la hae le letona, ho hlola ditjhaba pela hae, ho tlamolla dinyepa tsa marena mathekeng a wona, le ho bula menyako pela hae, hore menyako e se ke ya kwalwa, o re:


Ke nna Jehova, mme ha ho e mong; ha ho Modimo, haese nna; ke o hlomedisitse, leha o ne o sa ntsebe;


Ke bitsa ntsu botjhabela, le lefatsheng le hole ke lata ya tlang ho phetha morero wa ka. Ke boletse, mme ke tla etsa; ke rerile, mme ke tla phetha.


le marena kaofela a Simri, le marena kaofela a Elame, le marena kaofela a Media,


Lokisang thebe le thejana, le atamele ho lwana.


Bofang dipere, mme le kallise bapalami; emang ka diheleme, leotsang marumo, le apare kobo ya tshepe.


Palamang dipere; makoloi, mathang ka ho kgema; bahale ba ke ba nehele, e leng Baethiopia le Baputhe ba tshwereng thebe, le Balude ba tshwereng seqha, ba fula ka sona.


Jehova o butse ntlo ya dihlomo tsa hae, o ntshitse dibetsa tsa kgalefo ya hae teng, hobane ke Morena, Jehova wa makgotla, ya nang le taba le lefatshe la Bakalde.


Hobane setjhaba se tswang Leboya se nyolohela ho sona, ho etsa lefatshe la teng lefeella hore ho se be moahi ho lona; haele batho le makgomo, ba balehile, ba ile.


Ka baka leo, utlwang morero wa Jehova oo a o reretseng Babilona, le kgopolo ya hae eo a e hopoletseng lefatshe la Bakalde: Ruri, ba tla ba hulanya jwaloka dikonyana tse nyenyane. Ruri, o tla senya leaho la bona hammoho le bona!


Hobane bonang, ke ya tsosa, ke nyolosetse Babilona phutheho ya ditjhaba tse kgolo tsa lefatshe la Leboya; di tla mmokanela, ebe hona a hapuwang; metsu ya bona e jwaloka ya mohale ya masene, ya ke keng a kgutla a le feela.


Emisetsang marako a Babilona folaga, tiisang balebedi, beang dibohodi, le lokise dihlwela, hobane Jehova le yena o a rera, le hona o tla etsa seo a se boletseng bakeng sa baahi ba Babilona.


Empa ke tla busetsa ho Babilona le ho baahi kaofela ba Kalde bobe bohle ba bona, boo ba ileng ba bo etsa Sione pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.


Botubo boo ke bo etseditsweng, le nama tsa ka tse harotsweng, di ke di be hodima Babilona, ho tla bolela moahi wa Sione; madi a ka a be hodima baahi ba Kalde, ho tla bolela Jerusalema.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla o emela kgotla, ke o pheteletse; ke tla omisa letsha la hae, ke pshese sediba sa hae.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Ka mehoma ya lona le tee disabole, ka disekele tsa lona le tee marumo! Ya fokolang a ke a re: Nna ke senatla!


Hlabang mokgosi hara ditjhaba, ka ho re: Itlhatswetseng ntwa le tsose dinatla! A ho atamele, a ho tle banna bohle ba ntwa!


Ke tla kenya lerumo hara lona, le tlang ho pheteletsa selekane sa ka; etlare ha le bokane metseng ya lona, ke tla romela lefu la sewa hara lona, mme le tla neelwa matsohong a dira.


Ke ena kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka yona ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema: nama ya bona e tla bola ba ntse ba eme ka maoto a bona; mahlo a bona a tla bola mekoting ya wona, le maleme a bona a bole melomong ya bona.


Hobane ke tla bokella ditjhaba tsohle ho lwantsha Jerusalema; motse o tla hapjwa, matlo a phahlwe, le basadi ba betwe; karolo e nngwe ya batho ba motse e tla iswa kgolehong, empa ba setseng ba setjhaba ba ke ke ba tloswa motseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos