Jeremia 44:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)21 Ana dibano tsa lona tseo le neng le ntse le di tjhesa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, e le lona le bontata lona, le marena a lona le baholo ba lona, le setjhaba sa lefatshe, na Jehova ha a ka a di hopola na? Na ha a ka a elellwa pelong ya hae na? Ver CapítuloBIBELE21 “Ha ke re mokubetso oo lona le bo-ntata lona, le mahosana a lona, le setjhaba sohle sa naha, oo le ileng la o tjhesetsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke wona oo Morena a ileng a o hopola, mme a o nahana? Ver Capítulo |
Empa re tla nne re etse taba tsohle tse tswileng melomong ya rona, re tjhesetse mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino, jwalokaha re ne re ntse re etsa, rona le bontata rona, le marena a rona, le baholo ba rona, metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ha re ne re ntse re kgora bohobe, ho ntse ho iketlilwe, re sa bone tsietsi.