Jeremia 44:21 - BIBELE21 “Ha ke re mokubetso oo lona le bo-ntata lona, le mahosana a lona, le setjhaba sohle sa naha, oo le ileng la o tjhesetsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke wona oo Morena a ileng a o hopola, mme a o nahana? Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)21 Ana dibano tsa lona tseo le neng le ntse le di tjhesa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, e le lona le bontata lona, le marena a lona le baholo ba lona, le setjhaba sa lefatshe, na Jehova ha a ka a di hopola na? Na ha a ka a elellwa pelong ya hae na? Ver Capítulo |
Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.