Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 42:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jehova o hlile o le boleletse, lona masala a Juda, o itse: Se yeng Egepeta, le nne le itsebele hobane kajeno ke fela ke le hanela ho ya teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 “Malebana le lona Morena o itse: ‘Lona masalla a Juda le se ke la ya Egepeta.’ Tsebang hore ka letsatsi lena ke le kgalemetse,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 42:19
17 Referencias Cruzadas  

Jehova a romela ho bona, ho ba sokollela ho yena, baporofeta ba ba pakelang tsa Jehova, ba mpa ba se ke ba ba mamela.


Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.


Sebohodi se re: Meso e a hlaha, ho ntoo ba bosiu. Ha le rata ho botsa, botsang! Sokolohang, le boye.


Empa ha o ka hana ho tswa, ke lona lentswe leo Jehova a ntshenoletseng lona.


Eo a mpa a mo kwenehela ka ho romela manqosa Egepeta, hore a fuwe dipere le setjhaba se seholo teng. Ya entseng hoo na o tla atleha na? Na o tla phonyoha na? O tlotse selekane; a ka phonyoha na?


Leha ba ka mamela, kapa ho seng jwalo, etswe e le ntlo ya bahanyetsi, ba tla tseba hoba moporofeta o teng hara bona.


Empa wena, ha o tshositse ya lokileng, hore ya lokileng a se ke a etsa sebe, mme a fela a sa ka a se etsa, kannete o tla phela, hobane o ne a tshoswe, mme etlaba wena o pholositse moya wa hao.


Na ke ka baka lang Jehova a re isang fatsheng leo hore re yo shwela teng ka lerumo, mme basadi ba rona le bana ba rona ba hapuwe teng? Na ho ke ke ha eba molemo hore re kgutlele Egepeta na?


A tiisa ka ditaba tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re: Ipolokeng mofuteng ona o kgopo.


Jwale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela jwaloka baditjhaba ba bang, ba yang ka bosawana ba dikelello tsa bona;


Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.


Etlare ha ba hlahelwa ke mahloko le mahlomola a mangata, sefela sena se tla ba qosa, jwaloka paki, hobane se ke ke sa lebalwa ke melomo ya ditloholo tsa bona; etswe ke tseba merero ya dipelo tsa bona, eo ba e etsang kweno, ha ke eso ho ba kenye lefatsheng leo ke anneng hore ke tla ba nea lona.


Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos