Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mohlang oo, ho bolela Jehova, ho tla fela pelo ya morena le pelo tsa ba baholo, baprista ba tla thothomela, baporofeta ba tlakasele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “pelo ya kgosi le tsa mahosana di tla nyahama, baprista ba tla tshoha, baporofeta ba tsielehe.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:9
20 Referencias Cruzadas  

Ha ho se ho phuntswe lerako, banna bohle ba ntwa ba baleha bosiu ka tsela e yang le kgoro, mahareng a marako a mabedi a pela tshimo ya morena, Bakalde ba ntse ba teetse motse hare. Ha tsamauwa ka tsela e yang le lehwatata.


pelo ya ka e tjhele, e omeletse jwaloka jwang; ke lebala le ho ja bohobe ba ka.


Ka tsatsi leo, Baegepeta ba ya ba jwaloka basadi; ba tla tshoha, ba thothomele, ka baka la letsoho la Jehova wa makgotla le sisinyehang ho ba kgalemela.


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.


Jwalokaha leshodu le hlabiswa dihlong ha le tshwarwa, ntlo ya Iseraele e tla hlabiswa dihlong jwalo, yona le marena a yona, le baholo ba yona, le baprista ba yona, le baporofeta ba yona;


Bokollang, lona badisa, le howe; paqamang moloreng, lona beng ba mohlape, hobane ho se ho fihlile matsatsi a lona a ho bolawa, mme ke ya le qhalanya, le tle le we jwaloka lefiso le theko e thata.


Ba kae baporofeta ba lona ba nnileng ba le porofetela, ba re: Morena wa Babilona a ke ke a le futuhela, lona le lefatshe lena?


Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


Eitse hobane motse o phunngwe, bahlabani kaofela ba baleha; ba tswa motseng ka bosiu, ka kgoro e mahareng a marako a mabedi a serapeng sa morena; Bakalde ba ne ba ntse ba thibeletse motse; yaba ba ya ka tsela ya lehwatata.


Bonang, lona banyatsi, le makale, mme le timele; hobane ke tla etsa mosebetsi mehleng ya lona, mosebetsi oo le ke keng la o dumela, leha e mong a ka le bolella.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos