Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba ke re: Jo! Morena Jehova, kannete o thetsitse setjhaba sena le Jerusalema, ha o itse: Le tla nne le be le kgotso, kanthe lerumo le hlile le ba hlaba ho ya fihla moyeng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo, ruri o thetsitse setjhaba sena, le yona Jerusalema, ka ho re: ‘Le tla ba le kgotso,’ athe re se re le lekgatheng la ho bolawa ka sabole.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:10
21 Referencias Cruzadas  

Yaba Moshe o kgutlela ho Jehova, a re: Morena, ke ka baka lang ha o entse setjhaba sena hampe? Ke ka baka lang ha o nthomile?


Hobane ka lekgetlo lena ke tla romela dikotsi tsa ka tsohle pelong ya hao, le hodima bahlanka ba hao, le hodima setjhaba sa hao, hore o tle o tsebe hobane ha ho ya tshwanang le nna lefatsheng lohle.


ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!


Hobane ke tla sireletsa motse wona, ke o pholose, ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.


Oho Jehova, o re kgelosetsang ditsela tsa hao, o thatafaletsang dipelo tsa rona, re ke re lese ho o tshaba? Rekoloha ka baka la bahlanka ba hao, e leng meloko ya lefa la hao!


Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.


Ho boleleng ba bolella ba nnyedisang, ba re: Lentswe la Jehova le re: Kgotso e tla ba teng ho lona; le ho bohle ba tsamayang ka bothata ba dipelo tsa bona, ba re: Le ke ke la hlahelwa ke bobe.


Oho Morena Jehova, bona, ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le otlolohileng; ha ho letho le ka o sitang.


Ke mekgwa ya hao le diketso tsa hao tse o hlahiseditseng ntho tseo; ke bolotsana ba hao; ho a baba, ho ntse ho kena ho fihla pelong ya hao.


Ba latotse Jehova, ba itse: Ha a yo; tsietsi e ke ke ya re hlahela, re ke ke ra bona lerumo leha e le tlala;


Ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.


Mme ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.


Ba batjha le ba hodileng ba rapaladitswe fatshe mapatlelong, barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba wele ke lerumo; o hlile wa bolaya tsatsing la kgalefo ya hao, o bolaile, mme ha o a ka wa qenehela.


Ka re ke sa porofeta, Pelathia, mora Benaia, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Jo! Morena Jehova, na ke ho re, o ya timeletsa masala a Iseraele na?


Ka baka leo, Modimo o ba lesitse ho sebetsa ditshila, ditakatsong tsa dipelo tsa bona, ba tle ba tlotlollane mmele ya bona;


Ka baka leo, Modimo o ba neeletse ditakatsong tse dihlong; hobane hara bona basadi ba fetotse mokgwa wa bona wa hlaho ho etsa ka oo e seng wa hlaho.


Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos