Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 36:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Selemong sa bohlano sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ha bolelwa tsatsi la ho itima dijo pela Jehova, la setjhaba kaofela sa Jerusalema le setjhaba kaofela se tswang metseng ya Juda ho tla Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ka kgwedi ya borobong ya selemo sa bohlano sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ha phatlalletswa setjhaba sohle sa Jerusalema, le setjhaba sohle se tlileng Jerusalema se etswa metseng ya Juda, letsatsi la ho itima dijo moo Morena a leng teng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 36:9
16 Referencias Cruzadas  

Josafate a tshoha, a hla a batla Jehova, mme a tsebisa Bajuda bohle hore ba itime dijo.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi eo, bana ba Iseraele ba phuthehela ho itima dijo, ba apere masela a mahwashe, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole.


Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.


Ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, la re:


Morena o ne a dutse tlung ya mariha, e le ka kgwedi ya boroba mono o le mong; mashala a hlenneng a ne a le teng ifo pela hae.


Ho ye wena, o bale maqepheng seo o se ngodileng ka molomo wa ka, e leng mantswe a Jehova, o a bale ditsebeng tsa setjhaba, ka tlung ya Jehova, tsatsing la ho itima dijo, o bale le ditsebeng tsa Bajuda kaofela ba tlileng ba etswa metseng ya bona.


Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.


Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso; bokellang maqheku, le bokelle bohle ba naha tlung ya Jehova, Modimo wa lona, le howeletse ho Jehova.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi eo ya bosupa, e tla ba letsatsi la dipheko; le ke le be le phutheho e halalelang ka lona, mme le hlomole meya ya lona, mme le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo.


Yaba batho ba Ninive ba dumela Modimo, ba bea letsatsi la ho itima dijo, ba apara bohle masela a mahwashe, ho qala ka e moholo wa bona ho isa ho e monyenyane.


Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.


Yaba bana bohle ba Iseraele le setjhaba sohle ba nyoloha, ba ya Bethele, ba lla ba ntse ba eme hona teng pela Jehova; ba itima dijo ka tsatsi leo, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho pela Jehova.


Ba phuthehela Mitspe. Teng, ba ekga metsi, mme ba a tshollela pela Jehova, mme ba itima dijo tsatsing leo, ba re: Re sitetswe Jehova. Mme Samuele a ahlolela bana ba Iseraele Mitspe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos