Jeremia 36:9 - BIBELE9 Ka kgwedi ya borobong ya selemo sa bohlano sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ha phatlalletswa setjhaba sohle sa Jerusalema, le setjhaba sohle se tlileng Jerusalema se etswa metseng ya Juda, letsatsi la ho itima dijo moo Morena a leng teng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Selemong sa bohlano sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ha bolelwa tsatsi la ho itima dijo pela Jehova, la setjhaba kaofela sa Jerusalema le setjhaba kaofela se tswang metseng ya Juda ho tla Jerusalema. Ver Capítulo |
“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”