Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 34:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 o tla shwa ka kgotso; le ho tjhesetswa dibano jwaloka bontatao, marena a pele a bileng teng pele ho wena, o tla tjhesetswa dibano jwalo, mme ba tla o llela, ba re: Jo morena! Hobane nna ke boletse jwalo, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 empa o tla itjhwella ka kgotso. Jwalokaha setjhaba se ne se besetse bo-ntataomoholo, e leng dikgosi tsa boholoholo tse bileng teng pele ho wena, mollo wa bofifi, le wena se tla o besetsa mollo o jwalo, se o llele, se re: “Oho, morena wa rona!” Ke nna ya buang jwalo, ho rialo Morena.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 34:5
10 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, ke se ke tla o orosetsa ho bontatao, o tle o orohele lebitleng la hao ka kgotso; le mahlo a hao a ke ke a bona dikotsi tsohle tseo ke tla di hlahisetsa motse ona.


A patwa lebitleng la hae, leo a neng a itjheketse lona motseng wa Davida, mme a robatswa malaong a tletseng dinoko le dibano tse mefuta e mengata tse entsweng ka mokgwa wa baetsi ba tse nkgang hamonate; a ba a tjhesetswa bongata bo boholo haholo ba tsona.


Ke se ke tla o orosetsa ho bontatao, mme o tla phuthelwa lebitleng la hao ka kgotso, mme mahlo a hao a ke ke a bona dikotsi tsohle tseo ke tla di hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona. Ba busetsa polelo eo ho morena.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda: A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! ngwaneso! leha e le: Jo! kgaitsedi! A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! morena! Jo! bokgabane ba hae!


Leha ho le jwalo, o mamele lentswe la Jehova, wena Tsedekia, morena wa Juda: Ho itswe ke Jehova bakeng sa hao: O ke ke wa shwa ke lerumo;


Eo e neng e le phefumoloho ya dinko tsa rona, e leng motlotsuwa wa Jehova, o tshwasitswe lemeneng la bona, e le eo re neng re re, re tla phela moriting wa hae hara ditjhaba.


Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: o tla shwela nqalong yona eo moo ho phelang eo a entsweng morena ke yena, eo a kgesitseng kano ya hae, eo a tlotseng selekane sa hae, o tla shwela hona moo ha hae, Babilona.


Yaba morena Nebukadnesare o wa ka sefahleho, a kgumama pela Daniele, mme a laela hore a hlomphuwe ka mahlabelo a teboho le dibano.


banna bohle ba matla ba tloha, ba nyenya le bosiu bohle, ba nka setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae lerakong la Bethe-Shane, ba di tlisa Jabeshe, ba di tjhesa teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos