Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 34:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Leha ho le jwalo, o mamele lentswe la Jehova, wena Tsedekia, morena wa Juda: Ho itswe ke Jehova bakeng sa hao: O ke ke wa shwa ke lerumo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 “ ‘Empa wena Sedekiya, kgosi ya Juda, mamela lentswe la Morena. Morena o bua ho wena: Ha o ka ke wa bolawa ka sabole,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 34:4
7 Referencias Cruzadas  

Mikea a re: Mamelang lentswe la Jehova ke hona: Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme ho le letona la hae le ho le letshehadi.


Utlwang lentswe la Jehova, lona ntlo ya Jakobo le lona meloko kaofela ya ntlo ya Iseraele!


Mme o tla nkela Tsedekia Babilona; o tla nne a dule teng, ke tle ke be ke mo etele, ho bolela Jehova. Ha le lwana le Bakalde, le ke ke la thusa letho.


Mme wena, o ke ke wa phonyoha matsohong a hae, o mpa o tla tshwarwa, o neelwe matsohong a hae; mahlo a hao a tla bona mahlo a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa hao, mme o tla ya Babilona.


o tla shwa ka kgotso; le ho tjhesetswa dibano jwaloka bontatao, marena a pele a bileng teng pele ho wena, o tla tjhesetswa dibano jwalo, mme ba tla o llela, ba re: Jo morena! Hobane nna ke boletse jwalo, ho bolela Jehova.


Eya, o eme monyako wa ntlo ya Jehova, o howeletse lentswe lena teng, o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona Bajuda kaofela ba kenang ka menyako ena ho tla kgumamela Jehova.


Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos