Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 33:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba tla kena ho wona ho lwana le Bakalde, empa ba tla a tlatsa ditopo tsa batho, bao ke yang ho ba otla bohaleng ba ka le kgalefong ya ka, bao ke patetseng motse ona sefahleho sa ka ka baka la bolotsana ba bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 e leng Bakalatiya. Empa matlo ao a tla tlala ditopo tsa banna, bao ke tla ba bolaya ha kgalefo ya ka e tlokoma, ke loloma ke bohale, hobane motse ona ke o patetse sefahleho sa ka, ka baka la bokgopo ba bona bohle.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 33:5
16 Referencias Cruzadas  

Ha ho motho ya rapelang lebitso la hao, ya tsohang ho itshwarella ka wena; ka baka leo, o re patetse sefahleho sa hao, o re qhibidisitse ka baka la makgopo a rona.


Ke tshepile Jehova ya patetseng ntlo ya Jakobo sefahleho sa hae; ke beile tshepo ya ka ho yena.


Ka mokgwa wa moya wa Botjhabela, ke tla ba qhalanya pela sera; ke tla ba tadima ka seholoholo, e seng ka sefahleho, tsatsing la tlokotsi.


Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, hore a tle a o tjhese ka mollo.


Mme o tla nkela Tsedekia Babilona; o tla nne a dule teng, ke tle ke be ke mo etele, ho bolela Jehova. Ha le lwana le Bakalde, le ke ke la thusa letho.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Jwalokaha nkile ka tshollela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima baahi ba Jerusalema, ke tla tshollela kgalefo ya ka hodima lona, ha le ka ya Egepeta; le tla etswa nyefolo, le makatso, le thohako, le nyediso, mme le ke ke la boela la bona nqalo ena.


Morena o tenehile ke aletare ya hae, sehalalelo sa hae ya eba manyala ho yena; o neetse mabota a matlo a hae a borena matleng a sera. Ba phahamisitse mantswe a bona ka tlung ya Jehova, jwalokaha ho etswa ka tsatsi la mokete.


Mme ha ke sa tla boela ke ba patele sefahleho sa ka, kahobane etlaba ke tsholletse moya wa ka tlung ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.


Mohlang oo, ba tla howeletsa ho Jehova, empa a ke ke a ba utlwa; o tla ba patela sefahleho sa hae nakong eo, kahobane ba sentse metsamao ya bona.


Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?


Mohlang oo, ruri ke tla pata sefahleho sa ka ka baka la bobe bohle boo ba tla bo etsa; hobane etlaba ba fapohile, ba tle ba latele medimo e meng.


mme o itse: Ke tla ba patela sefahleho sa ka, mme ke tla bona qetello ya bona hore na e tla ba eng? Hobane ke mofuta o kgelohileng, ke bana ba ke keng ba tshepjwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos