Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 33:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa matlo a motse le bakeng sa matlo a marena a Juda, a tlang ho qhaqhwa ka ditutudu le ka dibetsa:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Modimo wa Iseraele o bua tjena ka matlo a motse ona, le ka matlo a dikgosi tsa Juda, a tla heletswa hore ho hahwe lerako le thibelang ba futuhetseng motse ona ka disabole,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 33:4
11 Referencias Cruzadas  

Le badile matlo a Jerusalema, mme le heletsa a mang ho tiisa marako.


Dibajwa le meutlwa di tla mela naheng ya setjhaba sa ka, le hodima matlo a thabo kaofela a motse wa menyaka.


Hobane matlo a borena a tla tlohelwa, motse wa lerata o tla fetoha lesupi; leralla le tora ya sebohodi e be mahaha ka ditshiu le ditshiu, e be thabo ya dipitsi tsa naha le makgulo a mehlape,


Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.


Hobane Jehova wa makgotla o re: Remang difate, le tsosetse Jerusalema tutudu; ke oo motse o tshwanetseng ho kgalemelwa; kahare ho wona ho tletse botubo.


Morena o tenehile ke aletare ya hae, sehalalelo sa hae ya eba manyala ho yena; o neetse mabota a matlo a hae a borena matleng a sera. Ba phahamisitse mantswe a bona ka tlung ya Jehova, jwalokaha ho etswa ka tsatsi la mokete.


Bonang, se nohang se letsohong la hae le letona: Ke Jerusalema! Ho tla bewa dipheleu, ho etswe mehoo polaong, ho hlajwe mokgosi, ho bewe dipheleu ho bolaya mamati a menyako, ho hahuwe ditutudu, ho hahuwe lerako le potang.


O tla bolaya ka lerumo baradi ba hao ba naheng ya hao, a be a o teele hare ka lerako le potang, mme a o tjhekele ditutudu, a o emisetse thebe.


o be o o thibelle, o o hahele lerako le o teelang hare, o o etsetse sefika, o o hlomele diahelo, o be o bee dipheleu, o o teele hare ka tsona.


Setjhaba seo se soma marena, ho sona mahosana ke sesomo; se tsheha qhobosheane e nngwe le e nngwe, se be se bokelle lerole, se di hape.


Empa difate tseo le tsebang hobane ha se tse behang dijo, o ka di senya wa di rema, mme ka tsona wa haha mesebetsi ya ho thibella motse o nang le ntwa le wena o be o kenwe ke wena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos